Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 3:4 - BIBELE

4 Ka yona nako eo, ra hapa metse ya hae yohle, mme ha ho motse le o mong oo re sa kang ra o hapa ho bona. E ne e le metse e mashome a tsheletseng, seterekeng sohle sa Aregobe, mmusong wa Oge, naheng ya Bashane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 3:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.


Ba bolaya Oge, le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle, ho fihlela ho se le ya mong ya setseng. Naha ya hae ya eba ya bona.


Karolo e nngwe ya morabe wa Manase ka e abela karolo e setseng ya Gileade, le Bashane yohle, e leng mmuso wa Oge, setereke sohle sa Aregobe, mmoho le Bashane yohle, e leng naha e bitswang Refaime.


Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.


“Le yena Oge, kgosi ya Bashane, le setjhaba sa hae sohle, Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena matsohong a rona, ra mo hlola ho fihlela ho se le ya mong ya setseng.


Metse ena yohle e ne e sireleditswe ka marako a phahameng; e ena le dikgoro, le mekwallo, ntle ho metse e meng e mengata e neng e hloka marako.


Ba ile ba hapa naha ya hae, le naha ya Oge, kgosi ya Bashane, e leng dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di ahile mose o kwano ho Jorodane, ka botjhabela.


Ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashabane, e nngwe ya masalla a Refaine, e neng a ahile Ashetarote le Ederei.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ