Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 3:2 - BIBELE

2 Morena a re ho nna: ‘Le se ke la tshaba, hobane Oge, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova a re ho nna: Se mo tshabe, hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae, o tle o etse ka yena kamoo o entseng kateng ka Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 3:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”


Morena a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba, hobane yena, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke nehelane ka yena matsohong a hao. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.”


Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa.


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


a re ho bona: ‘Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira.


“Jwale ra thinya, ra nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Ederei.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


“Le yena Oge, kgosi ya Bashane, le setjhaba sa hae sohle, Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena matsohong a rona, ra mo hlola ho fihlela ho se le ya mong ya setseng.


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ