Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 27:3 - BIBELE

3 Ha le se le tshetse le ngole mantswe wohle a molao ona hodima majwe ao, e le hore le tle le kene naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona; e leng naha e phallang lebese le mahe a a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le tshepisitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 mme o tla ngola ho wona dipolelo tsohle tsa molao ona, ha o sa tswa tshela ho ya kena lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o baletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 27:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”


wa se nea naha ena, eo o neng o hlapanyetse bo-ntata sona hore o tla ba nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Ke itse ho lona: Naha ya sona e tla ba lefa la lona; ke tla le nea yona e be leruo la lona. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le baditjhaba bao.


Ba bolella Moshe, ba re: “Re ile ra fihla naheng eo o neng o re romme ho yona; ruri ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme tsena ke ditholwana tsa naha eo.


Haeba Morena a kgahlilwe ke rona, o tla re fihlisa naheng eo, a re nee yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Mamela he, wena Iseraele, mme o hlokomele ho e phetha, e le hore o tle o atlehe, mme o ngatafale haholo, ha o le naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntatao, a ile a o tshepisa.


Mantswe ana o a tlamelle letsohong la hao e le pontsho, a be jwaloka sekola phatleng ya hao.


“Selekane seo ke tla se etsa le bona ha matsatsi ao a fetile, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, kahara dipelo tsa bona.”


Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba ne ba nnile ba lelera lehwatateng, ho fihlela tjhaba sohle se timela, esita le bahlabani ba ileng ba tswa Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Morena o ne a ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a ba dumella ho bona naha eo Morena a ileng a hlapanyetsa bo-ntata bona hore o tla re nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Yare moo bana ba Iseraele ba ntseng ba tadimile, Joshua a ngola hodima majwe a aletare melao eo Moshe a neng a ba ngolle yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ