Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 26:2 - BIBELE

2 o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 26:2
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”


Hoba taelo ena e anele hohle, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tsa koro, le tsa veine, le tsa ole, le tsa mahe a dinotshi, le dilopotsiya tsa tsohle tse tswang masimong. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tsa bona, mme ba di tlisa ka bongata.


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.


Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya. Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!”


“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.


“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.


“O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong. “O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


Ho Morena, Iseraele e ne halalela, e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae; bohle ba di jang ba ne ba le molato, bobe bo ba wela hodimo,’ ” ho rialo Morena.


Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang.


Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.


Naha ena ke e ntlehadi, mme ha ba a lokela ho e rekisa, kapa ho e ananya, kapa ho e nea motho e mong, hobane ke naha e halalelang ya Morena.


O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate.


“ ‘Ha o tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, o nyehele ka dilopotsiya tsa diqhome kapa tsa dijo.


Ha senkgwa sa pele se nyehellwa Modimo, dinkgwa tsohle tsabo sona di a halalela, mme ha motso wa sefate o halalela, le makala a sona a a halalela.


Dumedisang le kereke e phuthehelang ha bona. Dumedisang motswalle wa ka Epainetose, eo e bileng wa pele naheng ya Asia ho ineela ho Kreste.


Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona.


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


Jwale le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete wa dibeke; le fane ka nyehelo ya boithaopo ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng.


O mo nee le dilopotsiya tsa dijo tsa hao, le tsa veine, le tsa ole, le tsa boya ba dinku tsa hao tse kutwang pele,


“Ha le se le fihlile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona; le se le ahile ho yona,


O tla ya ho eo e leng moprista ka nako eo, o re ho yena: ‘Kajeno ke bolela ho Morena Modimo wa ka, hore ke fihlile naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata rona hore o tla re nea yona.’


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ