Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 22:9 - BIBELE

9 “O se ke wa jala mefuta e mmedi ya dipeo tshimong ya hao ya morara, esere kotulo yohle ya seo o se jetseng, le ditholwana tsohle tsa morara, tsa o phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa jala peo tsa mefuta tshimong ya hao ya morara, esere ho beha ha tseo o di jadileng, le ho beha ha morara, tsa o senyehela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 22:9
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Le boloke melao ya ka. “ ‘O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ ‘O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha.


Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.


Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


“Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ