Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 18:3 - BIBELE

3 “Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Tseo baprista ba tla ba le tokelo ya ho di nka ho ba hlahisetsang Modimo sehlabelo, ke tsena: leha e ka ba kgomo, kapa nku, ho newe moprista letsoho, le dihlaya, le mohodu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 18:3
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.


Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.


Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae.


“Tsena e tla ba tsa hao: mpho ya bona ya nyehelo e phahamiswang, le nyehelo tsohle tse akgotswang tsa bana ba Iseraele. Ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao, e le molao wa mehla yohle. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


“Ole e ntle ka ho fetisisa, le veine e monate ka ho fetisisa, le koro e ntle ka ho fetisisa e leng dilopotsiya tseo ba di abelang Morena, tsona ke o nea tsona.


Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ