Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 17:2 - BIBELE

2 “Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha ho fumanwa ha eno, motseng o mong wa eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o nea yona, monna, kapa mosadi ya etsang bobe pela Jehova, Modimo wa hao, ka ho tlola selekane sa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 17:2
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsena di ile tsa etsahala hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona. Ba ne ba ile ba roba selekane sa Morena; le tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba laetse tsona, ba ne ba sa ka ba di mamela, leha e le ho di phetha.


A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa Baale; a etsa setshwantsho sa Ashera, jwalokaha Akabe, kgosi ya Iseraele, a ne a ile a etsa; a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.


tsena le tsona ke dibe tsa ho ahlolwa ke baahlodi, hoba Modimo ya kahodimo ke tla be ke mo latotse.


“Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.


“Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena.


Batho ba sentseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha dipallo tsa selekane seo ba neng ba se etse moo ke leng teng, ke tla ba etsisa namane eo ba neng ba e kgekgethe, ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya yona.


Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba difebe le ba babolai. Ka baka la kgalefo ya ka le bohale ba ka, ke tla iphetetsa ho wena, ke o ahlolele lefu.


Ba sentse selekane sa ka jwaloka motse wa Adamo, kahoo ba ntlhokela botshepehi.


“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele, kapa wa baditjhaba ba jakileng naheng ya Iseraele, ya neelanang ka bana ba hae ho Moloke, ruri o tla bolawa. Setjhaba sa naha eo se tla mo tlepetsa ka majwe.


haeba le furalla ditaelo tsa ka, le nyedisa dikahlolo tsa ka, le sa boloke melao ya ka yohle, le senya selekane sa ka;


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.


Hara lona ho se be monna kapa mosadi, kapa ba lelapa, kapa ba morabe, bao kajeno dipelo tsa bona di ka furallang Morena Modimo wa rona, mme ba ya ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, esere mohlomong hara lona ha eba le mothapo o behang leshokgwa le lengana.


“Batho ba tla re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ke tla ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme ba tla ja, ba kgore, ba none. Empa ba tla latela medimo e meng, ba e sebeletse, ebe ba a nnyedisa, ba kwenehela selekane sa ka.


Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.


Ha motho a sa boloke Molao wa Moshe, o ne a bolawa ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo, ho se mohau.


Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”


Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.


Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.’ ”


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Jowashe a re ho bohle ba neng ba eme pela hae: “Na le rata ho buella Baale? Kapa le rata ho mo sireletsa? Mang kapa mang ya mmuellang o tla bolawa bo eso ka bo esa. Haeba Baale e le Modimo ha a ke a ipuelle, hobane motho e mong o heleditse aletare ya hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ