Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 13:2 - BIBELE

2 eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: ‘A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse;’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ha pontsho eo, kapa mohlolo oo a o boleletseng wona, o etsahala, mme a re ho wena: A re lateleng medimo esele, eo o sa e tsebeng, mme re e sebeletse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 13:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”


Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.


‘Ka baka leo, lona le se ke la mamela baporofeta ba lona, kapa dinohe tsa lona, kapa mathuela a lona, kapa baupi ba lona, kapa baloi ba lona, ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona.


Ha mantswe a moporofeta ya porofetang kgotso a phethahala, ho tla tsejwa hore moporofeta eo o ne a fela a ronngwe ke Morena.”


Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa.


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


‘Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,’


“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ