Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 11:2 - BIBELE

2 Tsebang kajeno, hobane ha ke bue le bana ba lona, ba sa kang ba tseba, mme ba sa kang ba bona kgalemelo ya Morena Modimo wa lona, le boholo ba hae, le letsoho la hae le matla, le otlolohileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hape, lemoha ditaba kajeno; hobane ha ke bue le bana ba lona ba sa kang ba tseba le ho bona kgalemelo ya Jehova, Modimo wa lona, le boholo ba hae, le letsoho la hae le matla, le letsoho la hae le otlolohileng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 11:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka letsoho le matla le sephaka se otlolohileng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Kajeno ke hlile ke ruta wena, wena ka seqo, e le hore o tlo tsebe ho tshepa Morena.


O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.


Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala;


“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,


‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?


Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?


le re: ‘Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela.


le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


“Haeba le ka lebala Morena Modimo wa lona, la latela medimo e meng, la e sebeletsa, la e kgumamela, kajeno ke a le tiisetsa hore ruri le tla timela.


Ka rapela Morena, ka re: ‘Oho, Morena Modimo, se ke wa timetsa setjhaba sa hao, seo e leng lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, wa se ntsha Egepeta ka letsoho la hao le matla.


Baiseraele ba sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba neng ba tseba mesebetsi yohle ya Morena, eo a neng a e etseditse Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ