Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 8:24 - BIBELE

24 Bonatla ba yona bo tla ba boholo, feela ha e tlo ba ba yona, ba yona ka seqo; ho timetsa ha yona e tla ba dimakatso, e atlehe ho tsohle tseo e di etsang, e timetse dinatla le bahalaledi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 matla a hae a tla eketseha, empa e ke ke ya eba ka matla ao e leng a hae, mme o tla hlahisa ditshenyo tse makatsang, a atlehe, a etse, a timetse dinatla le setjhaba sa bahalaledi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 8:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela;


Ka ho etsa dilekane tsa bolotsana o tla matlafala, a hape puso, le hoja palo ya setjhaba seo a se busang e fokola.


Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”


E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.


Lenaka lena la matlafala haholo, hoo le bileng la futuhela le mabotho a lehodimo, la dihela fatshe karolo e nngwe ya mabotho ana e leng dinaledi tse ding, mme la e hatakela.


La ba la nyedisa le yona kgosana ya mabotho ana, la fedisa sehlabelo se etswang ka letsatsi le letsatsi, la silafatsa le Sehalalelo.


Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang.


“Mehleng ya qetelo ya mebuso eo, ha sebe se atile ka ho fetisisa, kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha, kgosi e hlalefetseng tsohle, tsohle tsa bolotsana.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


Modimo o kentse dipelong tsa tsona thato ya ho phetha morero wa hae, e leng morero o le mong, wa ho sebeletsa sebatana ka borena ba tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ