Daniele 7:20 - BIBELE20 Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)20 le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.