Daniele 6:24 - BIBELE24 Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)24 Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.