Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 6:23 - BIBELE

23 Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba morena o thaba ka ho fetisisa, mme o laela hore Daniele a nyollwe lemeneng. Daniele a nyollwa lemeneng, mme ha ho a ka ha fumanwa le leqebanyana ho yena, hobane a ne a itshepetse Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 6:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”


Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, o mpuseleditse ho ya ka ho hloka molato ha ka.


Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena.


Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta.


Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.


O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.


Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi.


Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”


Ha kgosi e utlwa taba ena ya hlabeha haholo, mme ya nahana kamoo e ka pholosang Daniele kateng; letsatsi la ba la dikela e ntse e nahana kamoo e ka mo pholosang kateng.


Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela.


Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”


Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ