Daniele 6:22 - BIBELE22 Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)22 Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.
Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.