Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 5:29 - BIBELE

29 Yaba Beleshasare o laela hore Daniele a apeswe diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme ho phatlalatswe hore e tla ba mmusi wa boraro pusong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 5:29
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.


Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso.


Tsena ke moqhaka wa bokgabane hloohong, le lepetu le bohehang molaleng wa hao.


Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona.


Ke utlwile hore o tseba ho etsa ditlhaloso, le ho araba dipotso tse thata. Jwale, haeba o ka bala mongolo ona, wa ba wa ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, o rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme o be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ