Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 5:17 - BIBELE

17 Yaba Daniele o bua sefahlamahlo ho kgosi, o re: “Ipolokele dimpho tseo tsa hao, le meputso ya hao o e nee e mong osele. Leha ho le jwalo, ke tla balla kgosi mongolo ona, mme ke e hlalosetse seo o se bolelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 5:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore nke ke ka nka kgwele, leha e le leqhwele la seeta; le hore nke ke ka nka letho leo e leng la hao, esere wa re: ‘Ke ruisitse Aborame.’


Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “O nkene kang? Tsamaya, o yo botsa baporofeta ba ntatao, le baporofeta ba mmao!” Empa kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Tjhe, ke Morena ya bitsitseng dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe.”


Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.


Empa Elisha a re ho yena: “Ha o tsebe hore ke ne ke ntse ke tsamaya le wena ka moya, ha monna elwa a theoha kariking ya hae ya ntwa, a o kgahlanyetsa? Na nako ee ke ya ho amohela tjhelete, le ya ho amohela diaparo, le meru ya mohlwaare, le dirapa tsa morara, le dinku, le dipholo, le bahlanka, le makgabunyane?


Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong.


Empa ha le ka mpolella toro ena, la ba la ntlhalosetsa yona, teng ke tla le nea dimpho le meputso le tlotla e kgolo. Ka baka leo, mpolelleng toro ena, le be le ntlhalosetse yona.”


Yaba Beleshasare o laela hore Daniele a apeswe diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme ho phatlalatswe hore e tla ba mmusi wa boraro pusong ya hae.


Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ