Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 4:37 - BIBELE

37 “Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 4:37
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.


Kgosi ya re ho Hamane: “Potlaka he o nke seaparo seo, le pere eo, mme Moredekai wa Mojuda, ya dutseng monyakong wa ntlo ya kgosi, o mo etse jwalokaha o boletse, o phethe tsohle tseo o di boletseng.”


Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala.


O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle.’ ”


Ke Morena wa mabotho ya rerileng hona, ho fedisa boikgantsho ba bohle ba tlotlwang, ho kokobetsa bohle ba tummeng lefatsheng.


Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela.


“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.


Ha o ne o sa ntsane o ikgohomosa, o ne o sa rate le ho bitsa lebitso la ngwaneno Sodoma,


Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Jwalokaha ho laetswe hore kutu ya sefate e siuwe le metso ya yona, o tla buseletswa mmuso wa hao ho tloha mohla o tsebang hore Lehodimo ke lona le busang.


“Dipontsho tsa hae ke tse kgolo hakaakang! Dimakatso tsa hae di hlolla hakaakang! Mmuso wa hae ke wa mehla le mehla, puso ya hae e akaretsa meloko yohle!


“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


“Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho.


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


Jwale ka utlwa aletare e re: “E, Morena Modimo ya matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete, di lokile.”


“Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ