Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 4:32 - BIBELE

32 O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 4:32
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo rapela, mme Modimo a rapeleha, a mamela thapelo ya hae, a mo kgutlisetsa Jerusalema, mmusong wa hae. Jwale Manase a tseba hore Morena ke yena Modimo.


“Ke a tseba hore tsohle o ka di etsa, le hore ha ho morero o ka o sitang.


Ha a inkela, a ka thibelwa ke mang? Ke mang ya ka reng ho yena: ‘Jwale o etsa jwang?’


Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang.


Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle.


Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.


Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.


Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”


Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana.


Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena, o di tadima e le mafeela a se nang thuso.


Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.


Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona.


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao.


E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ