Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 3:3 - BIBELE

3 Yaba mahosana, le babusisi, le balaodi le Baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, ba phutheha bohle ho tla kgakola setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Ba fihla ba ema kapele ho setshwantsho seo Nebukadenesare a neng a se emisetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba ho phutheha mahosana, le marena, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi kaofela ba dinaha tse kamathoko, ho tla kgakolong ya setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng, mme ba ema pela setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 3:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale kgosi Nebukadenesare a mema mahosana, le babusisi le balaodi, le baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, hore ba be teng ha ho kgakolwa setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.


Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.


Yaba sebohodi se howeletsa haholo, se re: “Lona batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, taelo ke ena:


ha ho ya utlwisisang, ha ho ya batlang Modimo;


Dikgosi tsena di na le morero o le mong, e leng ho sebeletsa sebatana ka matla a tsona le ka borena ba tsona.


Modimo o kentse dipelong tsa tsona thato ya ho phetha morero wa hae, e leng morero o le mong, wa ho sebeletsa sebatana ka borena ba tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ