Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 3:28 - BIBELE

28 Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 3:28
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape a re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa Sema, Kanana e ke e be lekgoba la bona.


Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona.


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.


“Ho feta moo, ke le laela hore mang kapa mang ya tla fetola taelo ena, ho rutlwe balaka ya ntlo ya hae, a totomelwe ho yona, a thakgiswe ho yona, a leketle, mme ntlo ya hae e fetohe qubu ya moitedi.


Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.


o kgahlwa ke ba mo tshabang, le ba tshepileng mohau wa hae.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang.


Bobe bo tla timetsa ya kgopo, ba hloileng ya lokileng ba tla ahlolwa.


Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”


“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re:


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ