Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 3:27 - BIBELE

27 Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme mahosana, le marenana, le babusi, le baeletsi ba morena, ba phutheha, mme ba bona hoba mollo ha o a ka wa eba le matla mmeleng ya bona le hanyenyane, le hoba moriri wa dihlooho tsa bona ha o a ka wa tlaboha, leha e le dikobo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le hoba lephoka la mollo ha le yo ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 3:27
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki.


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.


Yaba banna bana ba tlangwa ba ntse ba apere diaparo tsa bona, ba tenne marikgwe, ba rwetse dituku, ba apere le diaparo tse ding, mme ba akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.


Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.


Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.


Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela.


Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.


kahona ke le kgothaletsa hore le je, le tsebe ho phela, hobane ha ho le ya mong wa lona ya tla lahlehelwa le ke qoba ya moriri wa hae.”


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ