Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 2:46 - BIBELE

46 Yaba kgosi Nebukadenesare o itihela fatshe ka sefahleho, o kgumamela Daniele, o laela hore a etsetswe nyehelo, a tjhesetswe le mokubetso o monko o monate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Yaba morena Nebukadnesare o wa ka sefahleho, a kgumama pela Daniele, mme a laela hore a hlomphuwe ka mahlabelo a teboho le dibano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 2:46
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.


Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng.


Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.


Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.”


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.


Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama.


Moprista wa Seuse, eo tempele ya hae e neng e le haufi le motse, a tlisa dipoho tse meqhaka dikgorong tsa motse, mme yena a lakatsa ho etsa sehlabelo mmoho le matshwele.


Ba ne ba lebeletse hore o se a le lekgatheng la ho ruruha, kapa la ho otlana fatshe hanghang, mme a shwe. Empa hoba ba lebelle halelele, mme ba se ke ba bona letho le phoso le etsahalang ho yena, ba fetola maikutlo a bona, ba re: “Ke modimo!”


Yaba baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng diteroneng tsa bona pela Modimo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba kgumamela Modimo,


Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”


Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ