Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 2:38 - BIBELE

38 O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 hohle moo bana ba batho, le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, di ikahetseng teng, o di beile matsohong a hao, o o entse morena wa tsona tsohle; hlooho ya kgauta ke wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 2:38
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


Hlooho ya setshwantsho sena e ne e le ya kgauta e hlwekisitsweng, sefuba sa sona le matsoho a sona e le tsa silefera, mpa le dirope tsa sona e le tsa lethose.


“Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.


“Ena ke toro eo nna kgosi Nebukadenesare, ke ileng ka e lora. Jwale wena Beleteshasare, ntlhalosetse yona, hobane bahlalefi bohle ba mmuso wa ka ba hlotswe ho ntlhalosetsa yona. Empa wena o ka etsa jwalo, hobane moya wa medimo e halalelang o teng ka ho wena.”


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


“Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ