Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 2:35 - BIBELE

35 Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Yaba tshepe, le letsopa, le koporo, le silefera, le kgauta, di robakwa hang, tsa eba jwaloka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkwa ke moya, mme nqalo ya tsona ha e a ka ya hlola e fumanwa; lejwe le neng le thesetse setshwantsho, la fetoha thaba e kgolo, la tlala lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 2:35
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha motjheso o fihla e a nyamela, ha tsatsi le ema a pshele ruri.


ha moya o foka hodima yona e a fela, ebe ditulo tsa yona di sala di le feela.


Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.


Ho se ho se hokae: Ya kgopo o tla be a nyametse; leha o tadima tulong tsa hae, o tla be a le siyo.


ka boela ka feta, ka bona a se a le siyo; ka mmatla, a se ke a hlola a fumanwa.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


Lefatshe lohle le a o kgumamela, le a o roka, le roka lebitso la hao.”


Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao;


Di ke ke tsa senya kapa tsa ntsha kotsi, hohle Thabeng ya ka e halalelang, hobane fatshe le tla be le tletse tsebo ya Morena, jwalokaha lewatle le tletse metsi.


Hlabang mokgosi, lona matjhaba, le tla robokelwa! Mamelang, lona ba naha tse hole! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa!


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


Kahoo ba tla tshwana le mouwane wa hoseng, ba je jwaloka phoka ya meso e hlohlorehang, ba be jwaloka mmoko o fefolwang ke moya seotlong, ba be jwaloka mosi o foqohang hodima ntlo.


“Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ