Daniele 11:45 - BIBELE45 E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)45 O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa mawatle mabapa le thaba e kgethehileng, e kganyang: leha ho le jwalo, o tla fela, ho se ya mo thusang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng.
Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.
“Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.”