Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:38 - BIBELE

38 Bakeng sa medimo eo, kgosi eo e tla hlompha modimo o sireletsang diqhobosheane, e leng modimo oo bo-ntata kgosi eo ba sa kang ba o tseba. Kgosi eo e tla o nyehella ka kgauta, le ka silefera, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka dimpho tse kgahlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 leha ho le jwalo, o tla hlompha modimo wa diqhobosheane nqalong ya wona; modimo o sa kang wa tsejwa ke bontatae, a o hlomphe ka dikgauta le disilifera, ka majwe a bohlokwa le ka dikgabiso tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:38
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle ba etsang medimo ya bohata ke lefeela, medimo eo ba e ratang ke mafeelafeelane. Ba ka e buellang ba foufetse; ha ba bone, ha ba tsebe hore ba tla tlontloloha.


Kgosi eo e ke ke ya tsotella medimo ya bo-ntata yona, kapa modimo o ratwang haholo ke basadi, leha e le modimo ofe kapa ofe, empa e tla iphahamisa ho feta medimo eo yohle.


Ka thuso ya modimo osele, kgosi eo e tla futuhela diqhobosheane tse matla ka ho fetisisa, mme bohle ba ipeang tlasa puso ya yona e ba tlotle, e ba etse babusi hodima setjhaba se sengata, e ba putse ka ho ba arolela naha.


“Kamora moo, e mong wa leloko la mosadi eo e tla ba kgosi. O tla futuhela mabotho a kgosi ya Siria, a hape qhobosheane ya wona, mme a a hlole.


Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona,


thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ