Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:37 - BIBELE

37 Kgosi eo e ke ke ya tsotella medimo ya bo-ntata yona, kapa modimo o ratwang haholo ke basadi, leha e le modimo ofe kapa ofe, empa e tla iphahamisa ho feta medimo eo yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 A ke ke a hlokomela medimo ya bontatae, leha e le modimo o thabelwang ke basadi, mme a ke ke a re letho ka modimo ofe le ofe, empa o tla ikgohomosetsa yona kaofela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:37
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”


Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”


Nna ke wa moratuwa wa ka, takatso tsa hae di tobile nna feela.


O ile wa bua ka pelo, wa re: “Ke tla nyolohela lehodimong, ke phahamise terone ya ka, ke e phahamisetse kahodimo ho dinaledi tsa Modimo, ke bee terone ya ka thabeng eo ho phuthehelwang ho yona, ke e bee tlhorong e phahameng ya thaba e ka leboya.


Ke tla hlwella kahodimo ho maru, ke itekanye le Ya Phahametseng tsohle.”


“Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.


“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


Bakeng sa medimo eo, kgosi eo e tla hlompha modimo o sireletsang diqhobosheane, e leng modimo oo bo-ntata kgosi eo ba sa kang ba o tseba. Kgosi eo e tla o nyehella ka kgauta, le ka silefera, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka dimpho tse kgahlehang.


La ba la nyedisa le yona kgosana ya mabotho ana, la fedisa sehlabelo se etswang ka letsatsi le letsatsi, la silafatsa le Sehalalelo.


mme hara bathopuwa o bona mosadi e motle, o utlwa o mo rata, mme o lakatsa ho mo nyala,


“ ‘O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.’


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ