Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:30 - BIBELE

30 Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Hobane dikepe tsa Kittime di tla tla ho mo lwantsha, mme o tla fellwa ke pelo, a kgutlele morao. O tla halefela selekane se halalelang, o tla se lwantsha, a boele a kopanye puo le ba kwenehetseng selekane se halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime.


Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime.


Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate.


Bona ke boporofeta malebana le Tire: Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hobane Tire e ripitlilwe, ha ho sa na ntlo, ha ho sa na kou ya dikepe! Tsebiso ena e tswa naheng ya Kitime, e senoletswe ba naha ya Tire.


Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”


Eyang hlekehlekeng tsa Kitime le ke le bone, le romele maqosa Kedare, le hlahlobe hantle, le bone na ho tjena ho kile ha eba teng.


Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou.


Kgosi ya Siria e tla kgutlela ha habo yona le matlotlo ao e a hapileng, e ikemiseditse ho senya selekane se halalelang. E tla iketsetsa borata, e ntano ipoella ha habo yona.


“Ha nako e badilweng e fihla, kgosi ena ya Siria e tla futuhela Egepeta hape, empa lekgetlong lena la bobedi ho ke ke ha tshwana le lekgetlong la pele.


E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.


Empa dikepe di tla tswa lebopong la Kitime, di siye Asure le Ebere e le lesupi, empa qetellong le tsona di tla timela.”


Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane.


Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ