Daniele 11:27 - BIBELE27 Dikgosi tsena tse pedi di tla jela tafoleng e le nngwe, empa dipelo tsa tsona di tletse bokgopo, di bolellana mashano. Di ke ke tsa fumana seo di se batlang, hobane nako e badilweng ha e eso fihle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)27 Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.