Daniele 11:24 - BIBELE24 O tla tsometsa dinaha tse ruileng, a di futuhele, a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba tseba ho di etsa; a arolele balatedi ba hae thepa le maruo ao a a hapileng ntweng. O tla etsa merero ya ho futuhela diqhobosheane, empa nako e tla mo kgaoletsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)24 O tla kena nakong ya kgotso karolong tsa naha tse fetisang ka monono, mme o tla etsa se sa kang sa etswa ke bontatae le ke bontatae moholo; o tla arola kgapo le thepa le maruo, a rere ho heletsa diqhobosheane, a etse hoo ho isa nakong e beilweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |