Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:20 - BIBELE

20 “E tla hlahlangwa ke kgosi e nngwe, e tla romela mmokelli wa lekgetho, e le hore leruo la mmuso wa yona le tle le eketsehe. Empa kamora nakwana kgosi eo e tla bolawa ka sekgukgu, e seng ntweng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mme tulong tsa hae ho tla dula e mong, ya tlang ho roma molefisi, a qete naha e leng hlophiso ya mmuso, empa o tla fela ka ditshiu di se kae; e ke ke ya eba ka kgalefo, leha e le ka ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:20
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoyakime a thella Faro ka silefera le ka kgauta, mme a kgethisa setjhaba ho ya kamoo Faro a neng a laetse hore se ntshe lekgetho kateng. A pepeta setjhaba sa naha eo silefera le kgauta, ho ya kamoo motho ka mong a lekanyeditsweng kateng, hore e tle e newe Faro Neko.


hoba lebese ha le fehlwa le etsa sereledi, le nko ha e otlwa e tswa mokola, kahoo kgalefo e fehla meferefere.”


Bakeng sa lethose ke tla o tlisetsa kgauta, bakeng sa tshepe ke o tlisetse silefera; bakeng sa lehong ke tla o tlisetsa lethose, ke o tlisetse tshepe bakeng sa majwe a moralla. Ke tla etsa hore kahohle kgotso e rene, ho loka e be yena mmusi wa hao.


“Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.


“Kamora moo, e mong wa leloko la mosadi eo e tla ba kgosi. O tla futuhela mabotho a kgosi ya Siria, a hape qhobosheane ya wona, mme a a hlole.


Ona ke molaetsa oo moporofeta Habakuke a neng a o tsebiswe ka pono:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ