18 Letsoho leo le kang la motho la nkama hape, mme la mmatlafatsa.
18 Yaba ke boela ke angwa ke ya tshwanang le motho, a busetsa matla ho nna,
Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.
Na Modimo a ka ntshobokella ka bonatla ba hae? Le ho ka! a ka sekeha tsebe, a mmamela!
Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka.
Yaba ke bona letsoho le nkama, le nkgumamisa ka mangwele le ka matsoho a ka.
Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.
Yare moo nna Daniele, ke ntseng ke leka ho utlwisisa seo pono eo ke e boneng e se bolelang, hanghang ka bona e mong ya kang motho, a eme pela ka.
Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.
empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”
Lengeloi la hlaha ho yena le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.
Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.
Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya,
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.
Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.
Davida a tseba hore Saule o tswile hae ho ya mo tsoma, a mmolaye. Davida o ne a le Horeshe lehwatateng la Sife;