Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:30 - BIBELE

30 Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jwale, re tla reng? Re tla re: Baditjhaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fumane ho loka, e leng ho loka ho tswang tumelong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:30
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata.


Ya thahasellang ho loka le lerato o tla fumana bophelo le toka le tlotla.


“Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.


Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe,


Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re: “Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle, ke itshenoletse ba neng ba sa botse letho ka nna.”


Empa ha ho buuwa ka ho loka ho tswang tumelong, ho thwe: “O se ke wa re ka pelong ya hao: ‘Ke mang ya tla nyolohela lehodimong?’ ” hore a yo theola Kreste teng.


Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.


Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.


Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.


Ka baka leo, hona a ho ballwa e le ho loka.


Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.”


Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale!


Empa Baiseraele ba neng ba labalabela molao o lokafatsang ha ba a ka ba o fumana.


Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.


Ka baka leo, Molao oo ya eba mohlokomedi wa rona, ho fihlela Kreste a fihla, mme re lokafatswa ka tumelo.


Ka ho tseba e sa le pele hore Modimo o tla lokafatsa baditjhaba ka tumelo, Mangolo a ile a bolella Aborahama molaetsa o molemo e sa le pele, a re: “Ka wena ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa.”


Ha e le rona, ka matla a Moya wa Modimo, re lebeletse, ka tumelo, tokafatso eo re tshepileng ho e fumana,


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena.


ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ