Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:26 - BIBELE

26 mme ho tla etsahala hore moo ho neng ho itswe ho bona: ‘Ha le setjhaba sa ka,’ hona teng ba tla bitswa bana, bana ba Modimo ya phelang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mme bakeng seo, ba neng ba boleletswe ha thwe: Lona, ha le setjhaba sa ka, hona teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha kgama e labalabela metsi a melatswana, le wona moya wa ka o o labalabela jwalo, o labalabela wena Modimo.


Ho batho ba ka leboya ke tla re: ‘Neelanang ka bona!’ Ho ba ka borwa ke re: ‘Le se ke la hana ka bona!’ Kgutlisang bara ba ka ba etswa hole, le baradi ba ka ba dipheletsong tsa lefatshe,


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”


e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.


Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.


Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.


Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo,


Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.


Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu,


“Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ