Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:19 - BIBELE

19 Jwale o tla re ho nna: “Ke ka baka lang Modimo a sa ntseng a bona phoso ho motho? Ke mang ya ka hanyetsang thato ya hae?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jwale, o tla re ho nna: Na o sa nyatsetsang? Na ke mang ya ka hanang ho rata ha wona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Jwale, o tla re ho nna: ’Ke hobaneng ha a sa ntse a nyedisa? Hobane ke mang ya hanyeditseng thato ya hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Jwale, o tla re ho nna: ’Ke hobaneng ha a sa ntse a nyedisa? Hobane ke mang ya hanyeditseng thato ya hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


A re: “Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona, na hase wena Modimo ya lehodimong? Na hase wena ya busang mebuso yohle ya baditjhaba? Letsoho la hao le matla hoo ho seng ya ka emang kapele ho wena.


Haeba ho uwa ka matla, Yena ke seqhobane! Haeba ho uwa ka toka, yena o tla qoswa ke mang?


ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Ntho le di hlabisa hlohlodingwane, jwalokaha eka sebopi sa tsona ke letsopa. Na se bopilweng se ka bua ka mmopi wa sona, sa re: “Hase yena ya mpopileng”? Na pitsa e ka bua ka sebopi sa yona, ya re: “Ha se tsebe letho”?


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


Ruri Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Empa o tla re: “Makala a kgaotswe hore nna ke hlomathisetswe sefateng.”


Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo?


Empa e mong o tla re: “Bafu ba tla tsoha jwang? Ka mmele o jwang?”


Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.


Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.” Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ