Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:4 - BIBELE

4 Hona ho entse hore se batlwang ke Molao se tle se phethwe ke rona ba laolwang ke Moya, e seng ke botho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ho loka ha molao ho tle ho phethwe ka ho rona ba sa tsamayeng ka nama, re mpang re tsamaya ka moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 E le hore ho loka ha Molao ho tle ho phethahale ho rona, ba sa tsamayeng ka nama, empa ka Moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 E le hore ho loka ha Molao ho tle ho phethahale ho rona, ba sa tsamayeng ka nama, empa ka Moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse?


Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo.


Jwale ke le kopa hore, ha ke le teng hara lona, ke se ke ka ba tau eo ke ikemiseditseng ho ba yona ka sebete, ho ba reng re laolwa ke botho.


Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.


Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.


Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ