Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:38 - BIBELE

38 Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 Hobane ke kgodisehile hore leha e le lefu, kapa bophelo, kapa mangeloi, kapa mebuso, kapa matla, kapa tse teng, kapa tse tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Hobane ke kgodisehile hore leha e le lefu, kapa bophelo, kapa mangeloi, kapa mebuso, kapa matla, kapa tse teng, kapa tse tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:38
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka.


Ha ho le ya mong wa rona ya iphelelang, mme ha ho ya itjhwellang,


hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.


O ne a kgodisehile ka botlalo hore seo Modimo a mo tshepisitseng sona o na le matla a ho se etsa.


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Kamorao ho moo e tla ba bofelo, mohla Kreste a busetsang borena ho Modimo Ntatae, hoba a fedise mebuso yohle, le borena bohle, le matla wohle,


Hoo ha ho makatse, hobane le Satane o iketsa e ka ke lengeloi la lesedi.


Empa Mangolo a re: “Ke dumetse, ka hona ke a bua.” Ka wona moya o jwalo wa tumelo le rona re a dumela, ka hona re a bua,


hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang.


Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.


Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ