Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:3 - BIBELE

3 Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:3
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moshe a bopa noha ka lethose, a e fanyeha sefateng. E ne e ye ere ha mang kapa mang ya lomilweng ke noha a tadima noha ena ya lethose, ebe o a fola.


O nyehele ka phooko e le nngwe ho iketsetsa tefelo ya sebe.


Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”


mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.


Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.


Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe,


Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato.


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.”


Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo.


empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekgoba, a tshwana le batho, a phela jwaloka motho.


Empa Kreste, hoba a nyehele hanngwe ka sehlabelo ka baka la dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Modimo, ka mehla yohle;


Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ