Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:26 - BIBELE

26 Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Ka mokgwa o jwalo Moya le wona o re thusa mefokolong ya rona, hobane ha re tsebe seo re ka se kopang kamoo re tshwanelang kateng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ka mokgwa o jwalo Moya le wona o re thusa mefokolong ya rona, hobane ha re tsebe seo re ka se kopang kamoo re tshwanelang kateng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:26
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Re rute hore na re tle re reng ho yena; re sitwa ho rala nyewe hobane re lefifing.


Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,


Morena o shebile fatshe a le sehalalelong sa hae se hodimo; o tadimile lefatshe a le mahodimong.


Ke otlilwe, pelo ya ka e ka jwang bo omeletseng, ke se ke lebala le ho ja.


Nkgauhele Morena, hobane ke feletswe ke matla; mphodise Morena, hobane ke opelwa ke masapo,


Tlohang ho nna, lona bohle ba kgopo, hobane Morena o utlwile sello sa ka.


Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.


Wa utlwa lentswe la ka ha ke ne ke re: “Se thibe tsebe ya hao ha ke fehelwa, ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona.


Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.”


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,


Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.


Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung?


Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”


Bophelong bona re a fehelwa, ka baka la ho labalabela ho kena lehaeng la rona la bobedi, la lehodimo,


Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.


Kaha le le bana, Modimo o rometse Moya wa Mora wa hae dipelong tsa lona, o howang, o re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”


Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.


Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng.


Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ