Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:20 - BIBELE

20 hobane dihlodilweng di beilwe pusong ya lefeela, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng pusong ya lona. Leha ho le jwalo, tshepo e teng ya hore

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane tse bopilweng di ne di bewe tlasa mmuso wa bosawana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng katlasa wona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Hobane dibopuwa di beilwe tlasa lefeela, e seng ka ho rata, empa ka baka la ya di beileng ka tlase ho tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane dibopuwa di beilwe tlasa lefeela, e seng ka ho rata, empa ka baka la ya di beileng ka tlase ho tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”


Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.


“Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang!


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”


Ba e fetotse lehwatata le omeletseng, le nkotlang pelo ha ke le bona. Naha yohle e fetohile lehwatata, hobane ha ho le ya mong ya e tsotellang.


Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.”


Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!


Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.


Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi.


Re pholositswe ka ho lebella ka tshepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tshepa, hobane motho a ka lebella jwang seo a seng a ena le sona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ