Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:2 - BIBELE

2 hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:2
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Modimo, ako bope ka ho nna, o bope pelo e hlwekileng, o kenye moya o motjha, o tiileng, o o kenye ka sefubeng sa ka.


Ha dibopuwa di tsamaya, mabidi le wona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dibopuwa di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.


Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo.


le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”


Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.


Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona,


Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.


Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.


Le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a ho loka.


Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.


Jwale ke fumana ho le tjena: Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe.


empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o nkenyang ditlamong tsa molao wa sebe o teng bothong ba ka.


Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo.


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.


Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng.


Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.


Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste;


Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.


Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ