Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:23 - BIBELE

23 empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o nkenyang ditlamong tsa molao wa sebe o teng bothong ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 empa ke fumana molao osele dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o mpofellang molaong wa sebe, o dithong tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Empa ke bona molao o mong dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o ntlisa kgolehong ya molao wa sebe o dithong tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa ke bona molao o mong dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o ntlisa kgolehong ya molao wa sebe o dithong tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:23
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako mamele sello sa ka, hobane ke kokobeditswe haholo. Nnamolele ho ba ntlhorisang, hobane ba mpheta ka matla.


Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe.


Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.


Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba lona ba botho. Jwalokaha le ne le neelane ka ditho tsa lona ho ba makgoba a manyala le a bokgopo, hore le be kgopokgopo, ka mokgwa o jwalo, kajeno neelanang ka ditho tsa lona ho ba makgoba a ho loka hore le tle le halalele.


Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe.


Jwale ke fumana ho le tjena: Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe.


A ho lebohuwe Modimo ya re lokolotseng ka Jesu Kreste, Morena wa rona! Nna, ka bonna, ke sebeletsa Molao wa Modimo ka kelello feela, empa ka botho ke sebeletsa molao wa sebe.


Ha re ne re sa ntsane re phela ka tsa botho, ditakatso tsa sebe tse leotswang ke Molao di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di tle di etse mosebetsi wa lefu.


hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.


Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang.


Ntweng ya lona le sebe ha le eso lwane hoo madi a ka tsholohang,


Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.


Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ