Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 6:3 - BIBELE

3 Kapa ha le tsebe hore rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefu la hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ana ha le tsebe hoba bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ana ha le tsebe hoba bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 6:3
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,


Ha ba utlwa hona, ba kolobetswa ka lebitso la Jesu.


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


hobane o ne o eso ka o theohela le ho ya mong wa bona, ba mpa ba kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.


Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?


Haeba re shwele le Kreste, le teng re dumela hore re tla phela le yena;


Bana beso, na ha le tsebe hore molao o busa motho ka nako yohle eo a ntseng a phela ka yona? Etswe ke bua le ba tsebang molao.


Bohle ba kolobetswa lerung le lewatleng, hore e be balatedi ba Moshe.


Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.


Haeba ho sa be jwalo, ba kolobetswang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka lang ha ba kolobetswa bakeng sa bafu?


Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?


Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?


Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?


Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,


Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?


Ha ke re le a tseba hore ba kenang dipapading tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanwa ke a le mong feela? Le lona mathang, le tle le iphumanele moputso.


Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng?


hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.


Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.


Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ