Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:21 - BIBELE

21 Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:21
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka.


Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.


Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.


Leha ho le jwalo, lefu le ile la busa ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka tshito e tshwanang le ya Adama. Adama eo o tshwantsha ya neng a tla tla.


Ha e le mona, ka tshito ya motho a le mong, e leng Adama, lefu le qadile ho busa ka baka la motho eo a le mong feela, ba amohelang mohau o mongata le mpho e kgolo ya ho loka, bona ba tla busa ho feta hakaakang bophelong, ka baka la motho a le mong, Jesu Kreste!


Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho.


Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.


Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Empa haeba Kreste a phela ka ho lona, mmele o tla shwa ka baka la sebe, athe Moya o Halalelang o tla le phedisa ka baka la ho lokafatswa ha lona.


Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.


Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re:


Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ