19 Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
19 Hobane jwalokaha ba bangata ba beilwe baetsadibe ka ho se utlwe ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo, ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka ho utlwa ha a le mong.
19 Hobane jwalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba entswe baetsadibe, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka kutlo ya motho a le mong.
19 Hobane jwalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba entswe baetsadibe, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka kutlo ya motho a le mong.
“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.
Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
Jwalokaha bohle ba ahlotswe ka baka la tshito ya motho a le mong, ka mokgwa o jwalo bohle ba lokafatswa le ho phediswa ka ketso e lokileng ya motho a le mong.