Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:15 - BIBELE

15 Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Empa neo ya mohau ha e jwaloka tlolo. Hobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tshito ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo ya mohau e leng ka motho a le mong, Jesu Kreste, di atiseditse ba bangata haholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa neo ya mohau ha e jwaloka tlolo. Hobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tshito ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo ya mohau e leng ka motho a le mong, Jesu Kreste, di atiseditse ba bangata haholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”


Empa re dumela hore ke ka mohau wa Morena Jesu re pholoswang jwaloka bona.”


Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Lerato la Kreste le a re susumetsa, rona ba kgotsweng hore ha a le mong a shwetse bohle, eba bohle ba shwele le yena.


A re leboheng Modimo ka mpho ya hae e ke keng ya lekanngwa!


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ