Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:12 - BIBELE

12 Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ke gone, jaaka boleo bo tsenye mo lefatsheng ka motho a le mongwe fela, le loso ka boleo; mme jalo loso lo ne lwa fetela mo bathong botlhe ka botlhe ba leofile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ke gone, jaaka boleo bo tsenye mo lefatsheng ka motho a le mongwe fela, le loso ka boleo; mme jalo loso lo ne lwa fetela mo bathong botlhe ka botlhe ba leofile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, sona o se ke wa se ja, hobane mohla o ka se jang, ruri o tla shwa.”


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.


hobane ke tseba melato ya ka, ke hopola sebe sa ka kamehla.


Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.


Jwalokaha bohle ba ahlotswe ka baka la tshito ya motho a le mong, ka mokgwa o jwalo bohle ba lokafatswa le ho phediswa ka ketso e lokileng ya motho a le mong.


Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.


Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Jwale ke dife tseo le ileng la di kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang dihlong kajeno? Qetello ya tsona ke lefu.


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.


Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle.


Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.


Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ