Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 4:16 - BIBELE

16 Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Ka baka leo, ke ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; hore pallo e tle e tiye leloko lohle; e seng ho bao e leng ba molao feela, empa le ho bao e leng ba tumelo ya Abrahama; ke yena ntata rona bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ka baka leo, ke ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; hore pallo e tle e tiye leloko lohle; e seng ho bao e leng ba molao feela, empa le ho bao e leng ba tumelo ya Abrahama; ke yena ntata rona bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 4:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.


Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama,


Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona,


Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.


kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.


Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.


Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele;


Hona ho entswe hore tlhlohonolofatso e neilweng Aborahama e tle e newe baditjhaba ka Kreste Jesu; e le hore, ka tumelo, re tle re amohele Moya o tshepisitsweng ke Modimo.


Jwale ditshepiso di ile tsa etsetswa Aborahama le setloholo sa hae. Mangolo ha a re “ditloholo”, e leng ho bolela batho ba bangata, empa a re “le setloholo sa hao”, e leng ho bolela motho a le mong feela, Kreste.


Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.


o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ