Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 4:14 - BIBELE

14 Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane ekare ha majalefa e le wona ka molao, ekaba he tumelo e fetohile ntho feela, le yona pallo e fidisitswe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane ekare ha bao e leng ba molao e le majalefa, tumelo e fedisitswe, le pallo e fedisitswe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane ekare ha bao e leng ba molao e le majalefa, tumelo e fedisitswe, le pallo e fedisitswe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 4:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, ke nako ya hore o sebetse, hobane ba tlotse Molao wa hao.


le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


“ ‘Sebakeng sena ke tla nyopisa merero ya Juda le ya Jerusalema. Ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona, ba bolawe ke matsoho a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.


Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.


Empa haeba a ka di nyopisa ho se ho fetile nako a di utlwile, monna eo ke yena ya tla jara molato wa mosadi wa hae.”


Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Na Kreste o arotswe dikoto na? Na Paulosi o thakgiseditswe lona na? Kapa le kolobeditswe ka lebitso la Paulosi na?


Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!”


Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.


ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.


hobane ha ho letho leo Molao oo o neng o ka etsa hore le phethehe. Empa ka nqe nngwe ho ile ha tliswa tshepo e fetisang ka molemo, eo re ka atamelang pela Modimo ka yona.


Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ