Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 4:1 - BIBELE

1 Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ha ho le jwalo, re tla re, Abrahama, ntata rona o ile a rua eng ka nqeng ya nama?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ha ho le jwalo, re tla re Abrahama ntata rona o fumane eng ka nqeng ya nama?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ha ho le jwalo, re tla re Abrahama ntata rona o fumane eng ka nqeng ya nama?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 4:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.


mme le se ke la nahana, la re: ‘Ntata rona ke Aborahama,’ hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana.


Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: ‘Re na le ntata rona, Aborahama,’ hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana.


Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: ‘Le tla lokoloha’?”


Na wena o moholo ho ntata rona Aborahama, ya shweleng? Le baporofeta ba shwele. O iketsa mang?”


Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.”


“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,


Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida;


Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate?


Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Na ke Baheberu? Le nna ke yena. Na ke Baiseraele? Le nna ke yena. Na ke ditloholo tsa Aborahama? Le nna ke sona.


Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ